A se le monate by Bethlehem Diocese Church Choir

Details
Title | A se le monate by Bethlehem Diocese Church Choir |
Author | Mathibela Sebothoma |
Duration | 3:20 |
File Format | MP3 / MP4 |
Original URL | https://youtube.com/watch?v=dyJkx1NdiyM |
Description
Difela Tsa Bakriste 73
Chorus
Ave, Ave, Ave Maria
Ave, Ave, Ave Maria
1
A se le monate
O teng ‘M’a rõna
‘Musong oa leseli
Oa re emela
2
Jesu o ratile
Batho hakakang
O s’a ba nehile
‘M’a hae ea ratoang
3
Batho bohle ba re
Hoba ‘M’a rõna
Ke ‘M’a Jesu ruri
Ke ‘M’a Morena
4
Leha re ka loantśoa
Ke ba lihele
Re se ke range tśaba
Rõna bakriste
5
Matla a ‘M’a rõna
Ke a sa baloeng
Ke makhotla-khotla
A emisitsoeng
6
Lineho tsa Jesu
Li tla ka eena
Le bana ba batho
Oa ba rapella
7
Ke Mofumahali
Ea etsang khotso
Ke monamoleli
Oa lehodimo
8
Rapelang ka tśepo
‘M’a Jesu Kriste
‘Musong oa Molimo
A le fihlise
9
Ke moo re tla bina
Ka ho sa feleng
Thoko tsa Maria
Ea tlõtlisitsoeng